Nalane
Explore our founding, key moments of growth, and the transformative events that have defined our legacy of academic excellence, innovation, and community service over the years.
Nalane
Yunivesithi e thehilwe e le kholeje lekgetlo la pele bakeng sa thuto ya setekgeniki e hatetseng pele ka 1966 mme ya fetohela ho ba Yunivesithi ya Thekenoloji ka 1979. Ka tlhophisobotjha ya ditheo tsa thuto e phahameng, institjushene e bile Yunivesithi ya Thekenoloji ka 2004 mme e na le kgolo e bonahalang mesebetsing ya yona le tsohle tseo e difihlelletseng ho tloha nako eo. Yunivesith hajwale e na le baithuti ba kabang 20 000. Sena ke bopaki ba boikemisetso ba yunivesithi ho thuto, boqapi le bokgabane sedikwadikweng sa thekenoloji. Sehopotso se tjena ha se monyetla feela wa ho hopola dikatleho tsa morao empa hape ho sheba pele ho diphihlello tsa hosane le dikabelo lefatsheng la thekenoloji le la dithuto.
Moelelong wa thuto e phahameng, thomo ya VUT ke ho:
Moelelong wa thuto e phahameng, thomo ya VUT ke ho:
• ntshetsapele ho ruta le ho ithuta hoo, ka thuto e hatetseng pele ya thekenoloji, e hlophisetsang baithuti ba nang le mangolo bakeng sa mosebetsi kapa bohwebi.
• ntshetsapele boqapi le tsebahatso ya tsebo e ntjha ka ho etsa diphuputso tsa motheo le tsa tshebetso le ntshetsopele ya thekenoloji
le phetiso ya thekenoloji le
and technology transfer, and
• ho ba institjushene e kenelletseng ka ho ba le dithuso tsa ditjhelete tsa dithuto mmoho le indasteri le setjhaba sa lehae.
Ka palo ya ditse tse robong (9) tsa bokgabane le diporofesa tse 14 tse nang le maemo a NRF, VUT e motlotlo ka dikamano tsa yona le barupedi le baphuputsi ba nang le maemo a NRF ba sa hlahising feela diphuputso tse tswileng pele tse rarollang mathata a nnete a bophelo empa hape e matlafatsa bafuputsi ba ntseng ba tla ho ba le dikamano le batho ba nang le boiphihlelo didikwadikweng tse mmalwa tsa diphuputso jwalo ka batataisi le bathusi.
Boemeng ba matjhaba, VUT e amohetse ponelopele ya matjhaba a kenelletseng, haholoholo ba shebane le bokgane ba dithuto, diphuputso le boqapi. Yunivesithi e tswelapele ho hlahisa baithuti ba nang le mangolo a thuto bao mangolo a bona a ananelwang le matjhabeng mme a nepahetse ditabeng tsa selehae. Tshebedisano le Setjhaba VUT e tataiswa ke motheo wa boitshwaro wa sebetsa le dithuso tsa ditjhelete tsa mangolo a thuto mme sena se kenyeletsa diphuputso tse susumetswang ebile dipheo tsa tsona e leng ho rarolla mathata a setjhaba.
Ho fihlella morero ona wa bohle "Morero wa Yunivesithi ya Thekenoloji ya Lekwa ke ho hlahisa baithuti ba nang le mangolo a thuto a malebana le bohwebi ba tsa thekenoloji le baqapi ba tlang ho tsamaisa e tlabang bakgothaletsi ba phetoho e bonahalang ya setjhaba se ipabolang le ho tswelepele, indasteri le tsa ditjhelete.''; VUT e tjhaetse Leano la 2033+ monwana ho lekola tjhebo ya yona le ho latela thomo ya yona jwalo ka Yunivesithi ya Thekenoloji.
Pale ya VUT
Where we come from
