Maano

Webosaete ya Maano a Yunivesithi e etseditswe ho fana ka phihlello e bonolo ya maano le melao ya yunivesithi.

Maano

Webosaete ya Maano a Yunivesithi e etseditswe ho fana ka phihlello e bonolo ya maano le melao ya yunivesithi. Webosaete ena e na le lesedi la bohlokwa ho thusa basebetsi le baithuti ba Yunivesithi ya Thekenoloji ya Lekgwa ho utlwisisa maano le melawana ya Yunivesithi. Ke boikarabello ba batho bohle ho itsebahatsa le ho tlwaelana le maano ohle a sebetsang a Yunivesithi. Ka kopo, hlokomela hore lena ha se lethathamo le felletseng la maano ohle a Yunivesithi.

Ke Mang ya Laolwang ke Maano aa? Basebetsi bohle, baithuti, balekane, le baeti ba Yunivesithi ya Thekenoloji ya Lekwa.
Ke Mang ya Lokelang ho Tseba Maano aa? Basebetsi bohle, baithuti, balekane, le baeti ba Yunivesithi ya Thekenoloji ya Lekwa.

Mafapha / diyuniti ka bong di ka boloka tokomane e eketsehileng ya Taolo e sebetsang feela lefapheng / yuniting e sa hohlaneng le maano a yunivesithi. Ditokomane tse jwalo tsa taolo ha di tlole maano a yunivesithi mme hangata di fumaneha diwebosaeteng tsa yuniti.

Noutu

Naledi (*) e emela llano la ka hare le fihlellehang ke basebetsi ba VUT feela

Bahlophisi ba sebedisitse boiteko ba bona bo matla ho nnetefatsa bonnete ba lesedi le teng mona, empa ho nepahala ho ke ke ha nnetefatswa ka botlalo. Ha e ba o na le dipotso mabapi le maano ana, ka kopo ikopanye le ofisi ya maano