Kamohelo
Re a o amohela leqepheng la ka rona la yunivesithi, moo o ka ithutang ho feta ka hore re bomang le hore re tumme ka eng.
Re a o amohela Yunivesithing ya Thekenoloji ya Lekwa
Leeto
Selemo sa 2024 ke sesupo sa dilemo tse 20 tsa boteng ba Yunivesithi ya Thekenoloji ya Lekwa.
Yunivesithi e thehilwe e le kholeje lekgetlo la pele bakeng sa thuto ya setekgeniki e hatetseng pele ka 1966 mme ya fetohela ho ba Yunivesithi ya Thekenoloji ka 1979. Ka tlhophisobotjha ya ditheo tsa thuto e phahameng, institjushene e bile Yunivesithi ya Thekenoloji ka 2004 mme e na le kgolo e bonahalang mesebetsing ya yona le tsohle tseo e difihlelletseng ho tloha nako eo. Yunivesith hajwale e na le baithuti ba kabang 20 000. Sena ke bopaki ba boikemisetso ba yunivesithi ho thuto, boqapi le bokgabane sedikwadikweng sa thekenoloji. Sehopotso se tjena ha se monyetla feela wa ho hopola dikatleho tsa morao empa hape ho sheba pele ho diphihlello tsa hosane le dikabelo lefatsheng la thekenoloji le la dithuto.
Â
Ka ditsi tse mmalwa tsa bokgabane le Diporofesa tse hlahlojwang ke NRF, re ikgantsha ka baithuti le bafuputsi ba boemong ba lefatshe ba sa hlahising feela diphuputso tse tlisang phetoho tse rarollang mathata, empa hape ba matlafatsa bafuputsi ba nyolohang ho sebedisana le ba nang le boiphihlello bo boholo mefuteng e mmalwa ya dipatlisiso e le bathusi ba bona.Â
Our innovative learning method facilitated by committed and esteemed thought leaders is the reason our institution has remained a reputable contributor to the country’s knowledge edifice over the two decades. We proudly celebrate the vibrant tapestry of success woven by our esteemed alumni by shining a spotlight on the invaluable contributions of these accomplished individuals who once walked our halls and now stride confidently in diverse fields locally and internationally. From groundbreaking innovations to transformative leadership roles, our alumni exemplify the embodiment of our institution’s commitment to nurturing talent and fostering lifelong connections.
Re fumaneha setsing sa diindasteri tse nang le nalane, re na le tjhebelopele ya ho theha "Phetoho ya ho Ithuta le Boqapi ya Bohlale ba tsa Thekenoloji le Tswelopele ya Tswelopele ya Diindasteri le Moruo wa naha." Morero wa rona ke ho hlahisa baithuti ba nang le mangolo a thuto a malebana le boekgobiso ba tsa thekenoloji le boqapi bao e tlabang bakgothaletsi ba phetoho e bonahalang ya setjhaba se ipabolang le ho tswelepele, indasteri le tsa ditjhelete. Ho fihlella sena, re nehelana ka ho ruta le ho ithuta ho matlafaditsweng ka thekenoloji, boleng ba ho phela le ho ithuta, diphuputso tse nang le sekgahla se seholo le boqapi bo nang le kabelo ho rarolleng diphepetso tsa setjhaba le indasteri.
Ka ditsi tse mmalwa tsa bokgabane le Diporofesa tse hlahlojwang ke NRF, re ikgantsha ka baithuti le bafuputsi ba boemong ba lefatshe ba sa hlahising feela diphuputso tse tlisang phetoho tse rarollang mathata, empa hape ba matlafatsa bafuputsi ba nyolohang ho sebedisana le ba nang le boiphihlello bo boholo mefuteng e mmalwa ya dipatlisiso e le bathusi ba bona.
Re yunivesithi e le nngwe feela Aforika Borwa e nang le Sekou sa Mahlale le Thekenoloji ka ho phethahala, eo e leng lehae la Phethiso ya Thekenoloji le Boqapi, eo e leng setsi sa thekenoloji ya leano le ikemiseditseng ho tsebahatsa dikgwebo tse nyane (SMMEs) le tlhodisano ya indasteri. Sebaka sa youna se loketseng (Sebokeng), meralo ya motheo e e teng hammoho le moetlo wa hajwale wa kgwebo di e etsa kemedi e loketseng ya phethahatso bakeng sa ho tsamaisa mananeo a mmuso a lebatowa kahare ho lebatowa la Gauteng e ka Borwa.
Tliliniki ya tsa Molao ya VUT ee boetseng e fumaneha setsing se tshwanang, e fana ka ditshebeletso tsa molao tsa mahala ho ditho tse tlokotsing tsa setjhaba sa Emfuleni ditabeng tse amanang le Tlhekefetso ya ka Lapeng, Tlokomelo, Ditlhalano, ho Rala Merero ya Mafa, Lekgotla la Ditaba tsa Bana, Ditaba tsa Toka ya Setjhaba tse kang tokelo ya bodulo le ho ntshwa ka tsela e seng molaong hammoho le ditaba tse amanang le mesebetsi haholoholo ho lelekwa ka mokgwa o nang le leeme.
Yunivesithi e theha tshebedisano e hlokolosi le diindasteri ho nnetefatsa thuto le dipatlisiso tse loketseng le tse sebedisehang. Dikamano tsena le bomphato ba tswang diindastering, kgwebong, ditsebi le metse ho phatlalla le Aforika Borwa di boetse di ruisa boikitlaetso ba rona ba thuto le dipatlisiso mme di ntlafatsa boleng ba rona ba mangolo a thuto
Tshebedisano le Setjhaba
Tlhokeho ya theha dikamano tse nang le molemo dipakeng tsa diinstitjushene tsa thuto le setjhaba se pela sona, ebile ntlha ya dipuisano ka dilemo. Ka lefapha la rona la tshebedisano le setjhaba, VUT e tswelapele ho bapala karolo e bohlokwa ho tsebahetseng kgutlisetso ya kgwebo ho sejthaba, tshebedisano le dikgwebo, ntshetsopele e tsitsitseng setjhabeng se potapotileng ho theha sekgahla se molemo le ho ithuta ho tswelang batho bohle molemo ho nang le botho. Ho tlatsetsa morerong wa ho kgutlisetsa setjhabeng mesebetsi e tjena e tsamaellana le e nngwe ya dipilara tsa bohlokwa tsa Yunivesithi tsa Ho ithuta wa boemo bo hodimo ho Shebaneng le Setjhaba.
